KetaPele

Rona, batho ba Afrika Borwa,

Re elellwa ho ba le leeme ha rona nakong e fetileng;

Re tlotla ba hlokofaditsweng ka lebaka la toka le tokoloho naheng ya rona;

Re tlotla ba ileng ba sebeletsa ho aha le ho ntshetsa pele naha ya rona; mme

Re dumela hore Afrika Borwa ke naha ya bohle ba phelang ho yona, re kopane le ha re fapane.

Ka lebaka lena, ka tataiso ya baemedi ba rona ba kgethilweng ka bolokolohi, re ananela Molaotheo e le molao o ka sehloohong wa Rephaboliki hore o tle -

Modimo o ke o sireletse batho ba bo rona.
Nkosi Sikelel’ifrika.
Morena boloka setjhaba sa heso.
God seën Suid-Afrika.
God bless South Africa.
Mudzimu fhatutshedza Afurika.
Hosi katekisa Afrika.