Shejulu 2: Dikano le Boitlamo

[Shejulu 2 e lokisitswe ke karolo 2 ya Molao wa tokiso ya pele ya Molaotheo wa 1997 (sengolwa sa Senyesemane feela) mme ya fetolwa ka karolo 18 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e tsheletseng ya Molaotheo wa 2001.]

1. Dikano le boitlamo ba Mopresidente le Mopresidente wa nakwana

Mopresidente kapa Mopresidente wa nakwana o lokela ho ikana ka mokgwa ona ka pela Moahlodi e moholo wa Lekgotla la Molaotheo:

Pontsheng ya bohle ba bokaneng mona, ke bile ke elelwa ka botlalo boikarabelo boo ke bo amohelang ba maemo a hodimo NNA ke kenang tshebetsong ke le Mopresidente/ Mopresidente wa nakwana wa Rephaboliki ya Afrika Borwa NNA, A.B. ke a ikana ka boitlamo bo se nang qeaqeo hore ke tla tshepahala Rephaboliking ya Afrika Borwa, mme ke tla ikokobetsa, ke mamele, le ho phethisa le ho boloka Molaotheo le melao yohle e meng ya ho phethisa le ho boloka Molaotheo le melao yohle e meng ya Rephaboliki; ke ikana le ho tshepisa ka matla hore ke tla etsa ka mehla—

2. Boikano kapa boitlamo ba Motlatsi wa Mopresidente

Motlatsi wa Mopresidente o lokela ho ikana ka mokgwa ona ka pela Moahlodi e moholo wa Lekgotla la Molaotheo:

Pontsheng ya bohle ba bokaneng mona, ke bile ke elellwa ka botlalo boikarabelo boo ke bo amohelang ba maemo hodimo NNA ke kena tshebetsong ke le Motlatsi wa Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, ke tla NNA A.B. ke a ikana ka boitlamo bo se nang qeqqeo hore ke tla tshepahala ho Rephaboliking ya Afrka Borwa, mme ke tla ikokobetsa, ke mamele, le ho phethisa le ho boloka Molaotheo le melao yohle e meng ya Rephaboliki, ke ikana le ho tshepisa ka matla ho etsa ka mehla—

(Mabapi le kano: Modimo nthuse.)

3. Boikano kapa boitlamo ba Matona le Batlatsi ba Matona

Letona le Motlatsi wa Letona o tlameha ho ikana tjena ka pela Moahlodi e moholo wa Lekgotla la Molaotheo kapa moahlodi e mong ya thontsweng ke Mopresidente wa Lekgotla la Molaotheo:

NNA, A.B. ke ikana/itlama hore ke tla tshepahala Rephaboliking ya Afrika Borwa mme ke tla ikokobeletsa, ho hlompha le ho phethisa Molaotheo le melao e meng ya Rephaboliki; ke itlama ho phethisa mosebetsi jwalo ka Letona/Motlatsi wa Letona ka tlotla le seriti; ho ba le nnete moeletsi wa nnete ya tshepahalang, ke sa senole ka boomo kapa ka ho thella ha leleme makunutu ao ke tshepetsweng ona; le ho phethisa mesebetsi ya ka ka boikitlaetso le ka moo nka kgonang ka teng.

(Mabapi le kano: Modimo nthuse.)

4. Boikano kapa boitlamo ba setho sa Seboka sa naha, Ditho tsa ka mehla tsa Lekgotla la Naha la Diprovense le ditho tsa lekgotla la ketsamolao la provense

  1. Ditho tsa Seboka sa Naha, baromuwa ba ka mehla Lekgotleng la Naha la Diprovense le ditho tsa lekgotla la ketsamolao di etsa kano kapa boitlamo tjena ka pela Moahlodi e moholo wa Lekgotla la Molaotheo kapa moahlodi ya thontsweng ke Moahlodi e moholo wa Lekgotla la Molaotheo:

    NNA A.B. ke ikana/itlama hore ke tla tshepahala Rephaboliking ya Afrika Borwa mme ke tla ikokobetsa, ho hlompha le ho phethisa Molaotheo le melao e meng ya Rephaboliki mme ke tshepisa ho phetha mesebetsi jwalo ka setho sa Seboka sa Naha wa ka mehla wa Lekgotla la Naha la Diprovense tsa Ntshetsopele ya Molaotheo ho ya ka matla ohle a ka.

    (Mabapi le kano: Modimo nthuse.)

  2. Batho ba kwalang sekgeo Sebokeng sa Naha, baromuwa ba ka mehla ba Lekgotla la Naha la Diprovense kapa ka hara lekgotla la ketsamolao ba ka ikana kapa ho itlama ka dipehelo tsa karolwana ya (1) ka pela mosebeletsi wa molao ya okametseng Seboka, Lekgotla kapa lekgotla la ketsamolao ka moo ho leng ka teng.

5. Kano kapa Boitlamo ba Ditonakgolo le Ditonakgolo tsa nakwana le ditho tsa Lekgotla la Phethahatso la Diprovense

Tonakgolo ya provense le setho ka seng sa Lekgotla la Phethahatso la provense ba lokela ho ikana ka mokgwa ona ka pela Moahlodi e moholo wa Lekgotla la Molaotheo kapa moahlodi ya thontsweng ke Moahlodi e moholo wa Lekgotla la Molaotheo:

NNA, A.B. ke ikana hore ke tla tshepahala Rephaboliking ya Afrika Borwa mme ke tla ikokobeletsa, ke hlomphe ke be ke phethahatse Molaotheo le melao yohle ya Rephaboliki mme ke ikemisetsa ho sebetsa ke le Tonakgolo/setho sa Lekgotla la Phethahatso la provense ka tlotla le seriti; ho ba moeletsi wa nnete le ya tshephalang; ke se ke ka sibolla ka ho otloloha kapa ka ho potoloha makunutu ao ke a tshepetsweng; le ho phetha mesebetsi ya ka ka boikitlaetso le ka matla ohle a ka.

(Mabapi le kano: Modimo nthuse.)

6. Boikano kapa boitlamo ba Basebeletsi ba mmuso ba Molao

  1. Moahlodi ka mong kapa motshwaramokobobo wa moahlodi, o lokela ho ikana/ itlama ka mokgwa ona ka pela Moahlodi e Moholo wa Lekgotla le Phahameng la Boipiletso kapa moahlodi e mong ya thontsweng ke Moahlodi e Moholo:

    NNA, A.B. ke ikana hore jwalo ka Moahlodi wa Lekgotla le wa Molaotheo/Lekgotla le Phahameng la Boipiletso/Lekgotla le Leholo la EF/Lekgotla GH, ke tla tshepahala Rephaboliking ya Afrika Borwa, ke phethahatse le ho sireletsa Molaotheo mme ke sebetsa ka toka ho bohle ka ho tshwana ka ntle ho tshabo, leeme kapa ho nahanela motho, ho ya Molaotheo le molao.

    (Mabapi le kano: Modimo nthuse.)

  2. Motho ya kgethilweng ho sebetsa e le Moahlodi e Moholo wa Lekgotla le Phahameng la Boipiletso eo e seng moahlodi ha jwale ka nako eo ya ho kgethwa o tlameha ho ikana kapa ho itlama ka pela Moahlodi e moholo wa Lekgotla la Molaotheo.
  3. Basebeletsi ba toka, le ba tshwereng mokobobo, ka ntle ho baahlodi, ba lokela ho ikana/itlama ho ya ka dipehelo tsa molao wa naha.