Karolo 84 ya Molaotheo o motjha o ikemiseditse ho kenyeletsa dikarolwana tse latelang:
- Mopresidente a rerisane le Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso—
- ntshetso peleng le phethahatsong ya maano a mmuso wa naha;
- mererong yohle e lebaneng le taolo ya kabinete le phethahatsong ya mosebetsi wa Kabinete;
- kabelong ya mosebtsi ho Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso;
- pele a ka kgetha mang kapa mang ho ya ka Molaotheo kapa molao ofe kapa ofe ho kenyeletswa le ho kgethwa ha lenqosa kapa baemedi bafe kapa bafe ba mmuso;
- pele a thonya dikhomishene tsa dipatlisiso;
- pele a ka epa pitso ya reforandamo; le
- pele a ka tshwarela kapa a lokolla batlodi ba molao.
Karolo 89 ya Molaotheo o motjha o ikemiseditse ho kenyeletsa dintlha tse latelang tsa karolwana:
- Karolwana (1) le (2) di ka sebediswa le ho Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso.
Serapa (a) ya karolo 90(1) ya Molaotheo o motjha e ikemiseditse hore e balwe tjena:
(a) Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso a kgethilwe ke Mopresidente;
Karolo 91 ya Molaotheo o motjha e tlameha ho balwa tjena:
91. Kabinete
- Kabinete e bopilwe ka Mopresidente, Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso le—
- ho se be le Matona a fetang 27 ao e leng ditho tsa Seboka sa Naha mme ba kgethilwe ho ya ka dipehelo tsa karolwana (8) ho fihlela ho (12); le
- ho se be le Letona le le leng leo e seng setho sa 175 Seboka sa Naha mme le kgethilwe ho ya ka dipehelo tsa karolwana (13), ka ntle le haeba Mopresidente a sebetsa ho ya ka therisano le Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso le baetapele ba mekga e teng, ba bona ho kgathwa ha Letona le jwalo ho hlokeha.
- Mokga ka mong o nang le ditulo tse 80 kapa ditulo tse ngata Sebokeng sa Naha o na le tokelo ya ho kgetha Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso ho ditho tsa Seboka.
- Ha ho se mokga kapa ho na le mokga o le mong o nang le ditulo tse 80 kapa ho feta Sebokeng, mokga o nang le ditulo tse ngata ho feta le mokga o hlahellang ka bobedi e le o moholo ka ditulo ka bomong e na le tokelo ya ho kgetha Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso ho ditho tsa Seboka.
- Ka ho kgethwa Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso a ka ikgethela ho sala kapa ho kgaotsa ho ba setho sa Seboka.
- Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso a ka nna a sebedisa matla a hae mme a phethise mesebetsi eo a e tshepetsweng ofising ya Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso ho ya ka Molaotheo kapa a kgethilwe ka ho sebetsa ofising eo ke Mopresidente.
- Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso o tshwara marapo—
- ho fihlela 30 Mmesa 1999 ka ntle ha eba a ka tshwarelwa ke e mong kapa a bitswa ke mokga o tlamehang ho kgetha ho ya ka dipehelo tsa karolwana (2) le (3); kapa
- ho fihlela motho ya kgethilweng ho ba Mopresidente ka mora kgetho efe kapa efe ya Seboka sa Naha e tshwerweng pele ho 30 Mmesa 1999, a qala ho sebetsa.
- Sekgeo ofising ya Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso se ka tlatswa ke mokga oo Motlatsi wa Mopresidente a o kgethetsweng.
- Mokga o nang le ditulo tse 20 Sebokeng sa Naha mme o ikemiseditse ho kenya letsoho mmusong wa kopanelo, o na le tokelo ya ho abelwa mosebetsi o le mong kapa e mengata ya Kabinete ho ya ka moo Matona a hlalositsweng ka teng karolwaneng (1)(a) a tla kgethwa ho ya le ka palohare ya ditulo tse tshwerweng ke ona Sebokeng sa Naha ka ho tshwana le palo ya ditulo tse tshwerweng ke mekga e teng.
- Mesebetsi ya Kabinete e abelwe mekga e sebetsang mmoho ho ya ka moralo o latelang:
- Palo ya ditulo ho ya ka mosebetsi e laolwe ka ho arola palo yohle ka ditulo Sebokeng sa Naha se tshwerweng mmoho le mekga e sebetsang mmoho ka palo ya mesebetsi ho ya ka moo Matona a hlalositsweng ka teng karolwaneng (1)(a) a kgethilwe, le le leng.
- Sephetho ho sa natswe di desimale tsa boraro le tse latelang, haeba di teng, ke palo ya ditulo ho ya ka mosebetsi.
- Palo ya mesebetsi e ka ajwang mokgeng o sebetsang mmoho o laolwa ka ho arola palo yohle ya ditulo tse tshwerweng ke mokga Sebokeng sa Naha ka palo e hlalositsweng serapeng (b).
- Sephetho, ho ya ka serapa (e), e bontsha palo ya mesebetsi e ka abelwang mokga oo.
- Moo tshebediso ya moralo ona o ka hodimo o ka tswalang keketso teng e sa nyamela ka lebaka la palo ya mesebetsi e abetsweng mokga, keketso e tla phehisana le dikeketso tse ding tse tshwanang le tsona tse tswang mokgeng o mong kapa mekgeng e meng mme mosebetsi ofe kapa ofe kapa mesebetsi efe kapa efe e sa ajwang e belwe mokga kapa mekga e amehang ka tatelano ya keketso e hodimo.
- Ka mora ho ba Mopresidente a buisane le Batlatsi ba Dipresidente ba Phethahatso le baetapele ba mekga e sebetsang mmoho ba lokela ho—
- laola mesebetsi ya bohlokwa e tla abelwa mekga e sebedisanang ka ho fapana ho ya ka palo ya mesebetsi ya ona ho ya ka karolwana (9);
- a kgethe ho ya ka mosebetsi ka mong setho sa Seboka sa Naha seo e leng setho sa mokga oo mosebetsi oo o abetsweng ho ya ka serapa (a) jwalo ka Letona le ikarabellang mosebetsing oo;
- ha ho hlokeha mabapi le Molaotheo kapa ho kgotsofatsa mmuso o sebetsang hantle, fapanya ho laolwa ho ya ka serapa (a), ho ya ka karolwana (9);
- a fedise ho kgethwe hofe kapa hofe ho ya ka serapa (b)—
- haeba Mopresidente o kotjwa ho phethisa ka tsela eo ke moetapele wa mokga oo Letona ka bolona e leng setho; kapa
- ha ho ka hlokeha hore ka lebaka la Molaotheo kapa ka lebaka la mmuso o sebetsang hantle; kapa
- a tlatse, ha ho hlokeha, ho ya ka temana ya (b), sekgeo ofising ya Letona.
- Karolwana (10) e lokela ho sebediswa ho ya ka maikutlo ao a fuperweng ke kutlwisiso ya mmuso wa kopano ya setjhaba mme Mopresidente le basebetsi ba bang ba amehang ba lokela hore ha ho sebediswa karolwana eo ba leke ho utlwana ka mehla: Ka ntle le haeba kutlwano e ke ke ya fihlellwa ka—
- ho phethisa matla ao a hlalositsweng temaneng (a), (c) kapa (d)(ii) ya karolwana eo, qeto ya Mopresidente ke yona e tla amohelwa;
- ho phethiswa ha matla ho hlalositsweng serapa (b), (d)(i) kapa (e) ya karolwana eo mme e ama motho eo e seng setho sa mokga wa Mopresidente, qeto ya moetapele wa mokga oo motho eo e leng setho e a amohelwa; mme
- ho sebediswa ha matla ao ho boletsweng ka ona serapeng (b), (d) (i) kapa (e) ya karolwana eo e amang motho eo e leng setho sa mokga wa Mopresidente, qeto ya Mopresidente ke yona e tla nkuwa.
- Haeba ho laolwa ha mosebetsi ho a abelwa mme ho fapane ho ya ka karolwana (10)(c), Matona a amehang a kgaotse ho sebetsa empa a ka nna a kgethwa moo ho hlokehang teng mme hore a tle a kgethwe hape mesebetsing e meng e ka ajwang ho ya ka mekga ya ona le ho ya ka ho laolwa ho fapaneng.
- Mopresidente—
- ka puisano le Batlatsi ba Dipresidente tsa Phethahatso le baetapele ba mekga e sebetsang mmoho, ba lokela ho—
- laola mesebetsi e ikgethileng mabapi le Letona ka moo ho hlalositsweng ka teng karolwaneng (1)(b) ha ho hlokeha ka kopo ya qeto ya Mopresidente ho ya ka karolwana eo;
- a kgethe ho ya ka mosebetsi oo motho eo e seng setho sa Seboka sa Naha jwalo ka Letona le ikarabellang mosebetsing oo; mme
- a tlatse, ha ho hlokeha, sekgeo ho ya ka mosebetsi oo; kapa
- ka mora ho hore a buisane le Batlatsi ba Dipresidente tsa Phethahatso le baetapele ba mekga e sebedisanang, ba kgaotse kgetho efe kapa efe ho ya ka serapa (a) ha ho hlokeha lebaka la Molaotheo kapa ka lebaka la mmuso o sebetsang hantle.
- Dikopano tsa Kabinete di lokela hore di etellwe pele ke Mopresidente, kapa, haeba Mopresidente a ka laela jwalo, di etellwe pele ke Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso: Ka ntle le haeba Batlatsi ba Dipresidente ba Phethahatso e le badulasetulo ba Kabinete ka ho fapana ka ntle hape haeba ho na le mabaka a tlamang a mmuso le maikutlo a fuperweng monahanong wa mmuso wa setjhaba se kopaneng.
- Kabinete e sebetse ka tsela eo ho ka utlwanang ka yona ho ya ka maikutlo a fuperweng monahanong wa mmuso wa setjhaba se kopaneng le ho ba le mmuso o atlehileng.
Karolo ya 93 ya Molaotheo o motjha e tlameha ho balwa tjena:
93. Kgetho ya Batlatsi ba Matona
- Mopresidente a ka nna a, ka mora ho hoba a buisane le Batlatsi ba Dipresidente ba Phethahatso le baetapele ba mekga e sebedisanang Kabineteng, ba thehe mesebetsi ya batlatsi ba matona.
- Mokga o tlameha ho abelwa mosebetsi o le mong kapa e mengata ya motlatsi wa letona ka palohare e tshwanang le ho ya ka moralo oo mesbetsi ya Kabinete e abetsweng ka teng.
- Dipehelo tsa karolo 91(10) ho ya ho (12) di a sebetsa mme tshebetsong eo ho hlaloswa karolong eo ho Letona kapa lefapa ha le lokela ho balwa jwalo ka tlhaloso ho Motlatsi wa Letona kapa mosebetsi wa motlatsi wa letona, ka ho latelana.
- Haeba motho o kgethilwe hore e be Motlatsi wa Letona la lefapha lefe kapa lefe le tshepetsweng Letona—
- Motlatsi wa Letona o lokela ho phethisa matla le ho sebetsa a thusa Letona le amehang ka matla afe kapa afe le mosebetsi o abetsweng Letona leo ho ya ka molao o entsweng kapa a ka nna a, ho ya ka ditataiso tsa Mopresidente, abelwe ho Motlatsi eo wa Letona ke Letona leo; mme
- ho hlaloswa molaong ofe kapa ofe ho ya ka Letona leo o lokela ho amohelwa jwalo ka ha o kenyeletsa tlhaloso ho Motlatsi wa Letona mme a sebetsa ho ya ka dipehelo tsa kabelo ya temana (a) ho ya ka Letona leo Motlatsi wa Letona a sebetsang sebakeng sa hae.
- Ka mehla ha Motlatsi wa Mopresidente a le siyo kapa a hloleha ho phetha matla a hae kapa ho sebetsa ofising, Mopresidente a ka nna a kgetha Motlatsi e mong wa Mopresidente kapa motho e mong ho nka sebaka sa Motlatsi wa Mopresidente, e ka ba ka kakaretso kapa ka ho phetha kapa ka tshebetso efe kapa efe kapa mosebetsi.
Karolo 96 ya Molaotheo o motjha e tlameha ho kenyeletsa dikarolwana tse latelang tsa kekeletso:
- Matona a ikarabella ka bomong ho Mopresidente le ho Seboka sa Naha ho laoleng mafapha a bona, mme ditho tsohle tsa Kabinete di ikarabella ka ho fapana mmoho mesebetsing ya bona ya mmuso wa naha le maano a ona.
- Matona a laole mafapha a ona ho ya ka leano le laolwang ke Kabinete.
- Haeba Letona le hloleha ho laola lefapha ho ya ka leano la Kabinete, Mopresidente a ka batla hore Letona le amehang le sebetse ho ya ka leano.
- Haeba Letona le amehang le hloleha ho sebetsa ho ya ka ditlhoko tsa Mopresidente ho ya ka karolo (5), Mopresidente a ka nna a tlosa Letona mosebetsing—
- haeba ke Letona le hlalositsweng karolong 91(1)(a), ka mora ho buisanwe le Letona le, haeba Letona ha se setho sa mokga wa Mopresidente kapa e se moetapele wa mokga o sebetsang mmoho le ka mora dipuisano le moetapele wa mokga wa Letona; kapa
- haeba ke Letona le hlalositsweng karolong 91(1)(b), ka mora puisano le Batlatsi ba Dipresidente ba Phethahatso le baetapele ba mekga e sebetsang mmoho.