Karolo 132 ya Molaotheo o motjha e tlameha ho balwa tjena:
132. Makgotla a Phethahatso
- Lekgotla la Phethahatso la provense le na le Tonakgolo le ditho tse sa feteng tse 10 tse kgethilweng ke Tonakgolo ho ya ka karolo ena.
- Mokga o nang le ditulo tsa diphesente tse 10 lekgotleng la ketsamolao la provense mme o nkile qeto ya ho sebetsa mmoho le mmuso wa setjhaba se kopaneng o na le tokelo ya ho abelwa lefapha le le leng kapa a mangata a Lekgotla la Phethahatso ho ya ka palohare ya ditulo tse tshwerweng ke yona lekgotleng la ketsamolao ka ho lekana le palo ya ditulo tse tshwerweng ke mekga e meng e sebetsang mmoho.
- Mafapha a Lekgotla la Phethahatso le lokela ho abelwa ho mekga e fapaneng e sebetsang mmoho ho ya ka moralo o balletsweng karolong 91(9), mme ha ho sebediswa moralo oo karolong eo—
- Kabinete, e lokela ho balwa jwalo ka ha e hlalosetswa Lekgotla la Phethahatso;
- Letona le lokela ho nkuwa e le setho sa Lekgotla la Phethahatso; le
- Seboka sa Naha se balwe e le tlhaloso ya lekgotla la ketsamolao la provense.
- Tonakgolo ya provense ka mora ho ba a buisane le baetapele ba mekga e nang le seabo o lokela ho—
- laola mafapha a fapaneng a tla abelwa mekga e fapaneng e nang le seabo ho ya ka palo ya mafapha abetsweng ona ho ya ka karolwana (3);
- a kgethe ho ya ka mafapha ao setho sa lekgotla la ketsamolao la provense leo e leng setho sa mokga oo lefapha le abetsweng ka teng ho ya ka serapa (a), jwalo ka setho sa Lekgotla la Phethahatso le ikarabellang lefapheng leo;
- haeba ho a hlokeha hore ka lebaka la Molaotheo kapa ka lebaka la mmuso o sebetsang hantle, ho fapana ha ho laolwa hofe kapa hofe ho ya ka serapa (a), ho ya ka karolwana (3);
- kgaotsa ho kgethelwa mosebetsi ho ya ka serapa (b)—
- ha Tonakgolo a kotjwa ho phethisa jwalo ke moetapele wa mokga oo setho sa Lekgotla la Phethahatso e leng setho sa ona; kapa
- haeba ho hlokeha ka lebaka la Molaotheo kapa ka lebaka la mmuso o sebetsang hantle; kapa
- tlatsa, ha ho hlokeha, ho ya ka serapa (b), sekgeo sa mosebetsi ofising ya setho sa Lekgotla la Phethahatso.
- Karolwana (4) e lokela ho sebediswa ho ya ka maikutlo a fuperweng monahanong wa mmuso wa setjhaba se kopaneng mme Tonakgolo le basebetsi ba bang ba amehang ba lokela ho dumellana ka mehla ha ho sebediswa karolwana eo: Ka ntle le haeba kutlwisiso eo e ke ke ya fihlellwa ka ho—
- phethwa ha matla a hlalositsweng serapa (a), (c) kapa (d)(ii) ya karolwana, qeto eo Tonakgolo a e nkileng e a amoheleha;
- phethwa ha matla ho hlalositsweng serapa (b), (d)(i) kapa (e) ya karolwana eo e amang motho eo e seng setho sa mokga wa Mopresidente, qeto ya moetapele wa mokga oo motho eo e leng setho ho ona e a amoheleha; le
- phethwa ha matla ao ho halositsweng ka ona serapa (b) kapa (e) ya karolwana eo e amang motho eo e leng setho sa mokga wa Mopresidente, qeto eo Mopresidente a e nkileng e amoheleha.
- Ebang ho hlwauwa hofe kapa hofe hwa dikabo tsa potefolio di fapane ka tlasa karolwana (4)(c), ditho tse amehang di lokela ho kgaotsa ho sebetsa dipotefoliong tsa bona empa di ka kgethelwa dipotefolio tse ding tse abetsweng mekga ya bona ho latela ho fapana ho hlwauweng.
- Dikopano tsa Lekgotla la Phethahatso di lokela ho etellwa pele ke Tonakgolo ya provense.
- Lekgotla la Phethahatso le lokela ho sebetsa ka tsela e tlisang kutlwano ho ya ka maikutlo a monahano wa mmuso wa setjhaba se kopaneng le ka lebaka la mmuso o sebetsang hantle.
Karolo 136 ya Molaotheo o motjha e tlameha ho kenyeletsa dikarolwana tse latelang:
- Ditho tsa Makgotla a Phethahatso a na le boikarabelo ka bomong ho Tonakgolo le lekgotla la ketsamolao taolong ya mafapha mme ditho tsohle tsa Lekgotla la Phethahatso di na le boikarabelo hammoho ka ho tshebetso ya mmuso wa provense le maano a ona.
- Ditho tsa Makgotla a Phethahatso di lokela ho laola dipotefolio tsa tsona ho ya ka leano la Lekgotla.
- Haeba setho sa Lekgotla la Phethahatso le hloleha ho laola potafolio ho ya ka leano la Lekgotla, Tonakgolo a ka nna a batla hore setho se amehang se sebetse mmoho le leano leo.
- Haeba setho se amehang se hloleha ho phethisa ditlhoko tsa Tonakgolo ho ya ka karolwana (5), Tonakgolo a ka tlosa setho mosebetsing ka mora puisano le setho mme haeba setho ha se setho sa mokga wa Tonakgolo kapa ha se moetapele wa mokga o sebetsang mmoho, le ka mora puisano le moetapele wa mokga wa setho seo.